Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha ke fihla Jerusalema, ka elellwa bokgopo boo Eleashibe a ileng a bo etsa, ka ho lokisetsa Tobiya kamore mabaleng a Tempele ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:7
8 Referencias Cruzadas  

Bara ba Eleoenai ke Hodavia, Eliashibe, Pelaia, Akkube, Johanane, Delaia, le Anani: bao ba supile.


Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos