Nehemia 13:7 - BIBELE7 Ha ke fihla Jerusalema, ka elellwa bokgopo boo Eleashibe a ileng a bo etsa, ka ho lokisetsa Tobiya kamore mabaleng a Tempele ya Modimo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo. Ver Capítulo |
O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista.