11 Jojada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jaddua.
11 Joyada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jadua.
Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada;
Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia;
Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.