Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.
Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.
Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.