Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.
Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.