Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:28
14 Referencias Cruzadas  

le hore mang le mang ea sa tleng ka tshiu tse tharo, ka morero wa dihlooho le baholo ntho tsohle tsa hae di tle di jewe, yena a tle a kgaolwe phuthehong ya ba kgutlileng kgolehong.


Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada;


Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.


Eitse ha Sanballate a utlwa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, mme a soma ka Bajuda.


Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.


Morena ya bohlale o hlokola baetsadibe, mme o ba pola ka sepolo.


Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos