Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:28 - BIBELE

28 E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:28
14 Referencias Cruzadas  

Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.


Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,


Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.


Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.


Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.


Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.


Ha Sanebalate a utlwa hore re tsosa lerako, a kgobohelwa, a halefa, a soma Bajuda.


Hoseng ho hong le ho hong ke tla timetsa bohle ba kgopo, ba kgopo ba lefatshe lena, ke fedise bohle ba etsang tse mpe, ba di etsang motseng wa Morena.


Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.


Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos