Jehova a na a kgahliswa ke ho bea molao o moholo o makgethe, ka baka la ho loka ha hae.
Mattheu 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. BIBELE Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. |
Jehova a na a kgahliswa ke ho bea molao o moholo o makgethe, ka baka la ho loka ha hae.
mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.
Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.
Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.
Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha.
Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lona pontsheng ya batho, hore le bonwe ke bona; ha ho le jwalo, ha le ka ke la newa moputso ke Ntata lona ya mahodimong.
Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.
Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.
A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.
Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung.
Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.
Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.
A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.
Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.