Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:14
12 Referencias Cruzadas  

Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.


mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.


Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.


A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela;


Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.


a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.


Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.


A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.


Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos