Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 A otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la tloha ho yena hang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 A otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la tloha ho yena hang.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:13
15 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.


Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.


Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


Ke tla fodisa bokwenehi ba bona, ke ba rate ka ho ithatela ha ka, hobane bohale ba ka bo tlohile ho bona.


Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.


Jesu a inama hodima hae, a kgalemela febere, mme ya mo tlohela; mme a phakisa a tsoha, a ba sebeletsa.


Eitse ha a le motseng o mong, monna ya tletseng lepera, ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, o na le matla a ho nntlafatsa.


A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos