Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Eitse ha a le motseng o mong, monna ya tletseng lepera, ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, o na le matla a ho nntlafatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Eitse ha a le motseng o mong, bonang, monna ya tletseng lepera, yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Eitse ha a le motseng o mong, bonang, monna ya tletseng lepera, yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:12
27 Referencias Cruzadas  

Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.


Empa ha nama e petohileng e sweufala, o tla itlhahisa ho moprista;


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


Yare ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone, molepera,


Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.


a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos