Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:3
19 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.


Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Yaba o re: Busetsa letsoho la hao sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hao sefubeng sa hae; a bona le boetse le le jwaloka nama ya hae.


Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.


A tsoha, a kgalemela moya, a re ho lewatle: Kgutsa, o re tu! Yaba moya o a kgutsa, mme kgutso e kgolo ya eba teng.


A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.


A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!


Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.


Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.


A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.


Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!


Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo!


Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.


Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos