Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Mattheu 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha Jesu a qetile dipolelo tseo, matshwele a tsota thuto ya hae; BIBELE Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae, Baasraak Sotho NT Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae. |
Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya naha eo.
Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane.
mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.
Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.
Eitse tsatsi la Sabatha ha le tjhaba, a qala ho ruta sinagogeng, mme ba bangata ba mo utlwang ba tsota, ba re: Taba tsena eo o di nkile kae? Keng bohlale boo eo a bo neilweng, le mehlolo e kalo e etswang ka matsoho a hae?
Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.
Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?
Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.