Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:28 - BIBELE

28 Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yare ha Jesu a qetile dipolelo tseo, matshwele a tsota thuto ya hae;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:28
18 Referencias Cruzadas  

Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.


Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona.


Yare hoba Jesu a qete dipolelo tsena, a tloha Galelea, a fihla naheng ya Judea, mose ho Jorodane.


Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.


Yare ha Jesu a qetile dipolelo tsena tsohle, a re ho barutuwa ba hae:


Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”


hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.


Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.


Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.


Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!


empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.


mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.


Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”


mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla.


Yare ha a qetile ho bolella batho dipolelo tsohle tsa hae, a ya kena Kaperenauma.


Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”


Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos