Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yare ha Jesu a qetile dipolelo tseo, matshwele a tsota thuto ya hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, letshwele la hlollwa ke thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:28
18 Referencias Cruzadas  

Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.


Eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya naha eo.


Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane.


Mme bongata ha bo utlwa hoo, ba tsota thuto ya hae.


Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo tsohle, a bolella barutuwa ba hae, a re:


mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.


hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi ba bona.


Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.


Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.


Eitse tsatsi la Sabatha ha le tjhaba, a qala ho ruta sinagogeng, mme ba bangata ba mo utlwang ba tsota, ba re: Taba tsena eo o di nkile kae? Keng bohlale boo eo a bo neilweng, le mehlolo e kalo e etswang ka matsoho a hae?


Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.


Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae.


Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?


Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena.


Yare ha a qetile dipolelo tsa hae tsohle ditsebeng tsa setjhaba, a kena Kapernauma.


Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta?


Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos