Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi ba bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:29
23 Referencias Cruzadas  

etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?


Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.


Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.


Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;


Yare ha Jesu a qetile dipolelo tseo, matshwele a tsota thuto ya hae;


Yare ha a theohile thabeng, matshwele a mangata a mo latela.


Yaba Jesu o re ho bona: Le nna nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos