Mattheu 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tsa hlalo le tsa bosoha. 1 Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane. 2 Matshwele a maholo a mo latela, mme a ba fodisa teng. 3 Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na? 4 A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi, 5 a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela? 6 Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho. 7 Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala? 8 A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo. 9 Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba. 10 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala. 11 A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng. 12 Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise. Bana ba bewa matsoho. 13 Jwale, ha tliswa ho Jesu bana, hore a ba bee matsoho, a ba rapelle; empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang. 14 Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona. 15 Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng. Mohlankana wa morui. 16 E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng? 17 Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao. 18 A re ho yena: Efe? Jesu a re: E reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, 19 o hlonephe ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata. 20 Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang? 21 Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele. 22 Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo. 23 Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. 24 Ke pheta ke re ho lona: Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa mahodimo. 25 Barutuwa ba hae, ha ba utlwa a rialo, ba tsota haholo, ba re: Ha ho le jwalo, ho ka bolokeha mang na? 26 Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho. 27 Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona? 28 Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi. 29 E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng. 30 Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa