Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, mme a nyala e mong, o a feba;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, mme a nyala e mong, o a feba;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:9
18 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Empa wa nna wa tshepa botle ba hao, mme ka ho tshepa lebitso la hao wa nna wa boka, wa tshela bohle ba fetang ka bootswa ba hao, wa re, ke jwa bona.


Wa ba wa atisa bootswa ba hao naheng ya Kanana, ho ya fihla le Kalde; mme le teng, ha o a ka wa kgolwa.


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala.


A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.


E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Mosadi o tlameletswe ho monna wa hae ke molao mehleng yohle eo monna wa hae a phelang ka yona; empa ekare ha monna wa hae a shwele, eba o lokolotswe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.


Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos