Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 A re ho bona: “Ka baka la bothata ba dipelo tsa lona, Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona, empa tshimolohong ho ne ho se jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa ho tloha tshimolohong ho ne ho se jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa ho tloha tshimolohong ho ne ho se jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:8
14 Referencias Cruzadas  

Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.


Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo.


Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla Meriba, le mehleng ya Massa, feelleng,


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.


Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala?


Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.


Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.


Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.


Jesu a ba araba, a re: O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Ke rialo ka ho le qenehela, e seng ka taelo.


Davida o ne a se a nyetse Akinohame wa Jisreele; ke bona basadi ba hae ba babedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos