Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Mme a re: ‘Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 A re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 A re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:5
19 Referencias Cruzadas  

Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.


Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngwaneso: o ne o kgahleha ho nna; lerato la hao ho nna e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basadi!


e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata.


Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!


Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.


Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.


Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.


Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi.


Ke ka baka leo ho ngodilweng, ho thwe: Monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Hobane, ekare ha le boloka hantle ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno ho etsa ka tsona, le rata Jehova, Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kaofela, le mo kgomarela,


Athe lona ba ileng ba kgomarela Jehova, Modimo wa lona, le sa ntsane le phela le kajeno kaofela ha lona.


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Davida o ne a se a nyetse Akinohame wa Jisreele; ke bona basadi ba hae ba babedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos