Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:27
17 Referencias Cruzadas  

Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.


Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi.


Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.


Yaba Petrose o bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse.


Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.


Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse.


Mme ha ba buseditse dikepana lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela.


hore ho tle ho se ke ha eba nama, leha e le nngwe, e ithorisang pela wona.


Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?


ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos