Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:23
25 Referencias Cruzadas  

Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.


Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.


a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.


Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.


Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.


Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!


Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!


Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.


Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae.


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos