Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 A re ho yena: O mpiletsang ya molemo? ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 A re ho yena: O mpiletsang ya molemo? ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:17
14 Referencias Cruzadas  

O pakile hara bona, hore o boele o ba sokollele molaong wa hao; ba mpa ba ikakasitse, ba hanne ho utlwa melao ya hao, ba sitetswe ditaelo tsa hao, tseo motho a tla phela ke tsona ha a etsa ka tsona, ba hlahisitse lehetla le hanang joko, ba sataladitse melala ya bona, ba se ke ba mamela letho.


O molemo, o a fana; o nthute dikomelo tsa hao.


Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.


Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.


Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.


Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena.


Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos