Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na?

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:22
20 Referencias Cruzadas  

Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.


Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!


Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.


Ya pelo e hlalefileng o bitswa ya maele, mme molomo wa hae o monate o atisa tsebo.


Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.


Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.


Moratuwa wa me o jwalo, mokgotsi wa me o jwalo, lona baradi ba Jerusalema!


Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.


Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae.


Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela.


Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.


Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?


Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos