Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.
Mattheu 6:28 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le ka baka la diaparo le belaela keng? Lemohang mokgwa oo dikgahla tsa naha di melang ka wona; ha di sebetse, ha di ohle; BIBELE “Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle, Baasraak Sotho NT Mme ke ka ntlha yang fa lo tlhobaela ka diaparo? Nahanang ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha di sehle, ha di ohe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ke ka ntlha yang fa lo tlhobaela ka diaparo? Nahanang ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha di sehle, ha di ohe; |
Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.
leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?
Mme ke mang ho lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?
Ke moo ke reng: Le se ke la belaela ka ho re: Re tla jang? kapa, re tla nwang? kapa, re tla ikapesa kang?
Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata;
Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;
Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.
A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.