Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata;

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:41
13 Referencias Cruzadas  

Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?


empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.


Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.


Empa Maretha o ne a tshwerwe haholo ke ho sebetsa tse ngata, a ba a tla ho Jesu, a re: Morena, hleka ha o re letho ha ngwaneso a ntesa ke sebetsa ke le mong? O mmolelle hle hore a nthuse.


Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.


Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo.


Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro.


A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos