Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme ke mang ho lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Ke ofe ho lona eo ka ho tshwenyeha a ka eketsang bophelo ba hae ka setswe se le seng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ke ofe ho lona eo ka ho tshwenyeha a ka eketsang bophelo ba hae ka setswe se le seng?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:27
14 Referencias Cruzadas  

Ke lemohile hobane tsohle tse entsweng ke Modimo di hloleha ka ho sa feleng; ha ho se ka eketswang ho tsona, ha ho le se ka kgaolwang; mme Modimo o sebetsa jwalo hore tshabo e be teng ho batho pela wona.


O se ke wa ana le ka hlooho ya hao, hobane qoba ya moriri, leha e le nngwe, o ka sitwa ho e fetola bosweu, leha e le botsho.


Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?


Le ka baka la diaparo le belaela keng? Lemohang mokgwa oo dikgahla tsa naha di melang ka wona; ha di sebetse, ha di ohle;


Ke moo ke reng: Le se ke la belaela ka ho re: Re tla jang? kapa, re tla nwang? kapa, re tla ikapesa kang?


Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke tsietsi ya lona.


Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata;


Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;


Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.


Mme jwale, Modimo o beile ditho mmeleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.


Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos