Mattheu 5:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng. BIBELE Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng, Baasraak Sotho NT Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; |
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.
Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela, o le pome, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.
Hobane motho leha a ka rua lefatshe lohle, mme a timellwa ke moya wa hae, etlaba o ruileng ka lona na?
Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.
re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.
ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.
Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.