Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:28
30 Referencias Cruzadas  

Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.


Ka baka leo, batho ba tshwanetse ho hlonepha Modimo; haele wona, ha o tadime le a mong ho ba bohlale.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Hobane jwalokaha ditoro tse ngata e le lefeela, ho jwalo le mantswe a mangata. Ha ho le jwalo, tshaba Modimo.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.


Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.


mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.


Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.


Mmei wa molao o mong, ke yena ya nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; wena o mang ha o ahlola ba bang?


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos