Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.
Mattheu 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. BIBELE A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ” Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. |
Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.
Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.
Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.
O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.
Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.
Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.
Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.
Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.
O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.