Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:7
21 Referencias Cruzadas  

ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.


Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:


Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.


Empa ba leka Modimo, ba ikgantshetsa Mookamedi ya phahameng, ha ba ka ba boloka ditaelo tsa wona;


moo bontata lona ba ntekileng teng, ba nteka leha ba bone diketso tsa ka.


Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?


A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?


Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.


Jesu a mo araba, a re: Ho boletswe, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.


Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,


Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.


Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.


Se lekeng Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le mo lekile Massa.


moo bontata lona ba ntekileng, ba nkgathaditseng, mme ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos