Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:8
14 Referencias Cruzadas  

Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.


Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.


Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Empa la re ho nna: Se etse hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena. Kgumamela Modimo.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos