Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ha o ka nkgumamela, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ha o ka nkgumamela, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:7
11 Referencias Cruzadas  

Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


Diabolose a re ho yena: Ke tla o nea borena boo bohle, le kganya ya mebuso eo, etswe ke di neilwe, mme ke di nea eo ke ratang ho mo nea.


Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos