O iswa ho morena hodima diphate tse mebalabala; thaka tsa hae tsa barwetsana di tla ho wena kamora hae,
Mattheu 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi. BIBELE “Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. Baasraak Sotho NT Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. |
O iswa ho morena hodima diphate tse mebalabala; thaka tsa hae tsa barwetsana di tla ho wena kamora hae,
Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.
Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.
Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.
A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.
Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.
Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.
Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.
Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa.
Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.
Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.
Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.
Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.
A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;
Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.
Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.
Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.
Lengeloi la boraro la letsa terompeta ya lona, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumula, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le ya didiba tsa metsi.