Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:24
23 Referencias Cruzadas  

Hobane ke molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo: hanyenyane mona, hanyenyane mono!


Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.


Mora motho, lotha ntlo ya Iseraele, o e tshwantshetse,


E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.


Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.


A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.


A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.


A ba araba, a re: Ya jalang peo e ntle ke Mora motho;


Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.


Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.


Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.


Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.


Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya neng a etsetse mora wa hae mokete wa bohadi.


Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi.


O ne a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?


A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha kang?


ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli


le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos