Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:2
19 Referencias Cruzadas  

Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.


Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.


re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.


Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.


Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


Mme le a tseba hoba re kgothaditse, ra ba ra tshedisa e mong le e mong ho lona, jwaloka ntata motho ha a etsa bana ba hae.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos