Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 “Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlooa le lahlelwang lewatleng, la bokella mefuta yohle ya mefuta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlooa le lahlelwang lewatleng, la bokella mefuta yohle ya mefuta.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:47
33 Referencias Cruzadas  

Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.


Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.


Hobane a fumane perela ya bohlokwa, a ya, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, mme a ithekela yona.


Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo dula, ba boloka tse ntle dipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe.


A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata.


E ne e le ka baka la baena ba bohata ba kgukgunetseng hara rona ba sa lemohuwe, mme ba nanaretse ho tla hlwela tokoloho eo re nang le yona ho Jesu Kreste, ba tle ba re busetse botubong.


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos