Wona a tla fela, empa wena, o tla nne o be teng; a tla tsofala jwaloka seaparo; o tla a fetola jwaloka kobo, mme a tla fetoha;
Mattheu 24:35 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta. BIBELE Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.” Baasraak Sotho NT Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta. |
Wona a tla fela, empa wena, o tla nne o be teng; a tla tsofala jwaloka seaparo; o tla a fetola jwaloka kobo, mme a tla fetoha;
Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto.
nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.
Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.
Jwang bo a omella, palesa e a foforeha, empa lentswe la Modimo wa rona le tiile ka ho sa feleng.
Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.
Dithaba di ka sutha, maralla a sisinyeha, empa mohau wa ka o ke ke wa tloha ho wena, mme selekane sa ka sa kgotso se ke ke sa sisinyeha: ho bolela Jehova ya o hauhetseng.
ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.
Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.
ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,
empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.
Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.
Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:
Lehodimo le finahana jwaloka lengolo ha le phuthwa, mme dithaba le dihlekehleke kaofela tsa suthiswa ditulong tsa tsona.