Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:14
22 Referencias Cruzadas  

Rubene, ke wena letsibolo la ka, matla a ka, sehlooho sa bonna ba ka; o tshwere sehlooho sa boholo, le sehlooho sa bonatla.


Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela.


Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.


Bonang, ke mo ntshitse ho ba paki ho ditjhaba, e be motsamaisi le molaodi wa ditjhaba.


hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka.


Ba araba Jeremia, ba re: Jehova e ke e be yena paki ya nnete, e tshepehang ya rona, ha re sa etse ka lentswe le leng le le leng leo a tla o roma ho rona ka lona, hore re le etse.


Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona.


Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng.


Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona.


a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.


Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Hobane ke rata ha le ka tseba ntwa e kgolo eo ke e lwanelang lona, le ba Laodisia, le bohle ba sa kang ba bona sefahleho sa ka nameng,


Etlere ha lengolo lena le badilwe ha heno, le bone hore le balwe le kerekeng ya Laodisea; mme le lona le bale le tswang Laodisea.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, wa pele le wa morao.


La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos