Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Haele letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang; esita le mangeloi a lehodimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:36
10 Referencias Cruzadas  

E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.


Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.


Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.


Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Empa haele bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.


A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos