Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:36 - BIBELE

36 “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Haele letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang; esita le mangeloi a lehodimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:36
10 Referencias Cruzadas  

E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng.


“Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.


Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”


“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”


“Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate.


A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos