Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 34:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 34:4
20 Referencias Cruzadas  

Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.


Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.


Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos