Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 34:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 34:3
20 Referencias Cruzadas  

Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.


Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.


Leha ke be nka neela lefatshe lena lefu la sewa, ka le tshollela kgalefo ya ka ho fihlela madi a tsholoha, hore ke tle ke kgaole batho le dikgomo teng,


Ke tla o tlohela hona teng, fatshe, ke o akgele naheng, ke ahise dinonyana tsohle tsa lehodimo hodima hao, ke kgorise ka wena dibatana tsa lefatshe lohle.


ka baka leo, ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Ke tla tsholla madi a hao, mme madi a tla o phallela; erekaha o sa ka wa hloya madi, madi a tla o phallela.


Ke tla mo tsekisa ke tshwere lefu la sewa le madi; ke tla mo nesetsa dipula tsa dikgohola le majwe a sefako, le mollo, le sebabole, ke di nesetse le makgotla a hae le ditjhaba tse ngata tse leng ho yena.


Tsatsing leo, ke tla nea Gogo setsha sa mabitla Iseraeleng, kgohlong ya baeti, ka nqa botjhabela ho lewatle, mme se tla thiba tsela ya baeti. Ke hona moo ho tla epelwa Gogo le bongata bohle ba hae, lebitso la teng le tla rewa Kgohlo ya bongata ba Gogo.


O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.


Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.


Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng!


Sehatelo sa hatelwa kantle ho motse, mme ha tswa madi sehatelong, mme a phahama a ba a fihla ditomong tsa dipere, sebaka sa wona se lekane le distadia tse sekete se nang le makgolo a tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos