Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 51:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Lelatsang mahlo le tadime mahodimong, le be le tadime le tlase, lefatsheng; mahodimo a tla nyamela sa mosi ha o nyamela, lefatshe le tsofale jwaloka seaparo, baahi ba lona ba shwe jwaloka dintsintsi. Empa ho pholosa ha ka ke ha kamehla yohle, le ho loka ha ka ha ho ka ke ha fediswa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 51:6
27 Referencias Cruzadas  

Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


Seo a se etsang ke bokgabane le kganya, ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.


Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.


Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Bonang, Morena Jehova ke thuso ya ka. Ke tla tsuwa ke mang? Bonang, ba tla fela bohle jwaloka seaparo se maharaswa, ba tla jewa ke tshwele.


Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.


Dithaba di ka sutha, maralla a sisinyeha, empa mohau wa ka o ke ke wa tloha ho wena, mme selekane sa ka sa kgotso se ke ke sa sisinyeha: ho bolela Jehova ya o hauhetseng.


Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.


Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos