Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 21:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Lehodimo le tla feta le lona lefatshe, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa ba tsa feta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:33
12 Referencias Cruzadas  

Wona a tla fela, empa wena, o tla nne o be teng; a tla tsofala jwaloka seaparo; o tla a fetola jwaloka kobo, mme a tla fetoha;


E se e le kgale ke tsebile ka dikeletso tsa hao hore o di tiisitse, di tle di be teng ka ho sa yeng kae.


Jwang bo a omella, palesa e a foforeha, empa lentswe la Modimo wa rona le tiile ka ho sa feleng.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.


Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo di eso ho hlahe.


empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos