Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Mattheu 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong. BIBELE “Empa lona le se ke la bitswa ‘Moruti,’ hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho. Baasraak Sotho NT Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho. |
Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone.
Yaba Petrose o elellwa, a re ho yena: Rabbi, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse.
Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Rabbi, ho molemo ha re ka dula mona; ha re etseng metlotlwane e meraro: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.
empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.
Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.
Barutuwa ba re ho yena: Rabbi, Bajuda ha ba sa tswa batla ho o tlepetsa ka majwe, o se o boela teng na?
Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —
A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.
Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.
Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse?
e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.
Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.
e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!
Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.
Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.
Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.
Empa la re ho nna: Se etse hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena. Kgumamela Modimo.