Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:9
16 Referencias Cruzadas  

Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.


Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?


Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?


Hape, le se ke la bitswa benghadi, hobane monghadi wa lona o mong, e leng Kreste.


Hobane ntho tseo tsohle ke tse batlwang ke bahetene; empa Ntata lona ya mahodimong o tseba hoba le hloka dintho tseo tsohle.


Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!


Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.


Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.


mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.


Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos