Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 le ho dumediswa mapatlelong, le ho bitswa ke batho: Rabbi! Rabbi!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 le ho dumediswa mabaleng a metse, le ho bitswa ‘Moruti’ ke batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 le ditumediso mapatlelong, le ho bitswa ke batho ho re: Rabi, Rabi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Le ditumediso mapatlelong, le ho bitswa ke batho ho re: Rabi, Rabi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:7
19 Referencias Cruzadas  

Empa moloko wona na ke tla o tshwantsha kang? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba howanang le thaka tsa bona,


Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.


Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.


A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka.


Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone.


Yaba Petrose o elellwa, a re ho yena: Rabbi, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse.


Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;


Ha a fihla, a phakisa a atamela Jesu, a re: Rabbi! Rabbi! a ba a mo aka.


Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Rabbi, ho molemo ha re ka dula mona; ha re etseng metlotlwane e meraro: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.


Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.


Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Barutuwa ba re ho yena: Rabbi, Bajuda ha ba sa tswa batla ho o tlepetsa ka majwe, o se o boela teng na?


Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.


Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je.


Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona?


Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos