Mattheu 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, BIBELE Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, |
Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.
Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.
Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.
Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.
Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.
mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.
Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:
Ba mmolella, ba re: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ho thwe:
Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;
Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.
Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?
Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.