Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
Mattheu 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi, BIBELE A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’ Baasraak Sotho NT A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi; |
Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Adama a re: Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ya nama ya ka; o tla bitswa mosadi, hobane o ntshitswe ho monna.
Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.
Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.
Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena;
Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.
Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:
Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?
Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?
Jesu a re ho bona: Hleka ha le eso ho bale ho entsweng ke Davida, mohla a hlokang dijo, a lapile le bao a nang le bona;
Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena,